Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Samuele 22:31
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 31 Lintho tsohle tseo Molimo oa ’nete a li etsang li phethahetse.+

      Polelo ea Jehova e hloekile.+

      Ke thebe ho bohle ba balehelang ho eena.+

  • 2 Likronike 32:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 “Le be sebete ’me le be matla. Le se ke la tšosoa kapa la thothometsoa ke morena oa Asiria+ le bongata bo nang le eena hobane ba nang le rona ba bangata ho feta ba nang le eena.+

  • Pesaleme 18:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  2 Jehova ke lefika la ka le sebaka sa ka se sireletsehileng ’me ke eena ea mpholosang.+

      Molimo oa ka ke lefika la ka+ ’me ke tla balehela ho eena,

      Ke thebe ea ka le lenaka* la ka la poloko,* setšabelo sa ka se sireletsehileng.*+

  • Pesaleme 27:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  3 Le haeba masole a ka hloma litente ho mpota-pota,

      Nke ke ka tšoha.+

      Le haeba nka hlaseloa,

      Ke tla lula ke e-na le tšepo.

  • Pesaleme 46:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  7 Jehova oa mabotho o na le rona.+

      Molimo oa Jakobo ke setšabelo sa rona se sireletsehileng.* (Selah)

  • Pesaleme 55:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 O tla mpholosa* a be a mphomotse ho ba ntoantšang

      Hobane ke hlaseloa ke batho ba bangata.+

  • Pesaleme 118:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Tsa mpota-pota ka mahlakoreng ’ohle

      Empa ka li leleka

      Ka lebitso la Jehova.

  • Baroma 8:31
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 31 Re tla re’ng ka litaba tsee? Ha Molimo a eme le rona, ke mang ea ka re loantšang?+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela