Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 26:26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 26 Ha ke senya sebaka* seo le bolokang bohobe*+ ho sona, basali ba leshome ba tla baka bohobe ba lona ka ontong e le ’ngoe. Ba tla bekha bohobe ba lona ebe ba le fa bo bonyenyane.+ Le tla ja empa le ke ke la khora.+

  • Deuteronoma 28:53
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 53 Kaha le tla be le thibeletsoe ebile le hateletsoe ke lira tsa lona, le tla lokela ho ja bana* ba lona e leng bara le barali ba lona+ bao Jehova Molimo oa lona a le fileng bona.

  • Jeremia 37:21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 Morena Tsedekia a fana ka taelo ea hore Jeremia a koalloe ka tlung e ka Lebaleng la Balebeli.+ O ne a fuoa bohobe bo tsoang seterateng sa baapehi letsatsi le leng le le leng,+ ho fihlela bohobe bohle bo fela motseng.+ Jeremia a ’na a lula Lebaleng la Balebeli.

  • Jeremia 38:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 “Jehova o re: ‘Motho ea tla sala motseng ona o tla bolaoa ka sabole, tlala le ka lefu la seoa.+ Empa ea inehelang* ho Bakalde o tla pholoha* ’me a ’ne a phele.’+

  • Lillo Tsa Jeremia 4:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  4 Leleme la lesea le anyang le khomaretse mahalapeng ka lebaka la lenyora.

      Bana ba kopile lijo+ empa ha ho ea ba ngoathelang.+

  • Ezekiele 4:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 A boela a re ho ’na: “Mor’a motho, ke etsa hore ho se ke ha e-ba le lijo* Jerusalema.+ Baahi ba moo ba tla ja bohobe bo lekantsoeng ba tšoenyehile+ le metsi ba tla noa a lekantsoeng ba tšohile haholo.+

  • Ezekiele 5:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Kahoo, bo-ntate ba har’a lona ba tla ja bara ba bona+ ’me bara ba tla ja bo-ntate ba bona. Ke tla le ahlola kaofela ha lona ke be ke le hasanye hohle.”’+

  • Ezekiele 5:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Sehlopha se seng sa lona se tla bolaoa ke boloetse bo kotsi kapa tlala. Se seng se tla bolaoa ka sabole+ mahlakoreng ’ohle a motse. Sehlopha sa ho qetela ke tla se hasanya hohle ’me ke ntše sabole ke se lelekise.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela