-
Jeremia 32:4, 5Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
4 Morena Tsedekia oa Juda a ke ke a phonyoha Bakalde etsoe ruri ho tla nehelanoa ka eena matsohong a morena oa Babilona ’me ba tla buisana ba shebane mahlong.”’+ 5 Jehova o re: ‘O tla isa Tsedekia Babilona ’me Tsedekia o tla lula teng ho fihlela ke etsa qeto ea hore na ke tla etsa’ng ka eena. Le hoja le ntse le loantša Bakalde, le ke ke la atleha.’”+
-
-
Ezekiele 12:12, 13Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
12 Khosana e har’a bona e tla jara thoto ea eona ebe e tsamaea ho le lefifi. E tla phunya lesoba leboteng, e ntše thoto ea eona ka lona.+ E tla ikoahela sefahleho e le hore e se ke ea bona fatše.’ 13 Ke tla e koahela ka letlooa ke e tšoase,+ ke e tlise Babilona naheng ea Bakalde empa e ke ke ea bona naha eo ’me e tla shoella moo.+
-