Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 20:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Jehova o re: ‘Matsatsi aa tla ao ka ’ona sohle se ka tlung* ea hao le sohle seo baholo-holo ba hao ba se bolokileng ho fihlela letsatsing lena se tla isoa Babilona.+ Ha ho letho le tla sala.

  • Jeremia 52:17-20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Bakalde ba pshatla lipilara tsa koporo+ tse neng li le ntlong ea Jehova, literoli+ le Tanka* ea koporo,+ tse neng li le ka tlung ea Jehova ’me ba isa koporo eo eohle Babilona.+ 18 Ba nka le linkho, likharafu, lintho tse timang mollo, likotlolo,+ likopi+ le lintho tsohle tse neng li sebelisoa tempeleng tse entsoeng ka koporo. 19 Mookameli oa balebeli a nka libeisine,+ lipane tsa mollo, likotlolo, linkho, liluloana tsa lebone,+ likopi le likotlolo tse entsoeng ka khauta ea ’nete le silevera ea ’nete.+ 20 Koporo ea lipilara tse peli, Tanka,* ea lipoho tse 12 tsa koporo+ tse neng li le tlas’a Tanka le ea literoli tseo Solomone a neng a li etselitse ntlo ea Jehova, e ne e le ngata hoo ho neng ho sa khonehe hore e methoe.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela