Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Samuele 6:3-8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Leha ho le joalo, ba palamisa Areka ea Molimo oa ’nete kariking e ncha+ e le hore ba e tlose ntlong ea Abinadabe+ e neng e le leralleng. Uza le Akio bara ba Abinadabe, ba ne ba tsamaea ka pel’a kariki eo e ncha.

      4 Kahoo, ba tlosa Areka ea Molimo oa ’nete ntlong ea Abinadabe e neng e le leralleng ’me Akio o ne a tsamaea ka pel’a Areka eo. 5 Davida le Baiseraele bohle ba ne ba keteka ka pel’a Jehova ka liletsa tsa mefuta eohle tsa junipere ea lepolanka, liharepa, liletsa tse ling tse likhoele,+ meropa e menyenyane,+ lisistrame le ka lisimbala.+ 6 Empa ha ba fihla seotlong sa Nakone, Uza a otlolla letsoho ’me a tšoara Areka ea Molimo oa ’nete+ hobane likhomo li ile tsa batla li e liha. 7 Eaba Jehova Molimo oa ’nete o halefela Uza ’me o mo bolaela+ moo hobane a ne a sa hlompha molao oa Molimo.+ Kahoo, o ile a shoella moo pel’a Areka ea Molimo oa ’nete. 8 Empa Davida a koata hobane Jehova a ne a halefetse Uza haholo. Sebaka seo sa bitsoa Pereze-uza* ho fihlela letsatsing lena.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela