Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Samuele 7:4-7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Bosiung bona boo, Jehova a re ho Nathane: 5 “E-ea ho mohlanka oa ka Davida u mo bolelle hore Jehova o re, ‘Na ke uena ea lokelang ho nkahela ntlo eo ke tla lula ho eona?+ 6 Ha ke e-s’o lule ka tlung ho tloha letsatsing leo ka lona ke ntšitseng Baiseraele Egepeta ho fihlela letsatsing lena+ empa haesale ke tsamaea ke le ka tenteng le ka tabernakeleng.+ 7 Nakong eohle eo ke neng ke tsamaea le sechaba sohle sa Iseraele,* na nkile ka bua le moeta-pele leha e le ofe oa maloko a Iseraele eo ke mo khethileng hore a lise sechaba sa ka sa Iseraele ka re, “Ke hobane’ng ha u sa nkahela ntlo e entsoeng ka likedare?”

  • 1 Marena 8:17-19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Ntate oa ka Davida o ne a batla ho haha ntlo e tla etsa hore lebitso la Jehova Molimo oa Iseraele le rorisoe.+ 18 Empa Jehova a re ho eena, ‘Ke hantle hore ebe u batla ho haha ntlo e tla etsa hore lebitso la ka le rorisoe. 19 Leha ho le joalo, u ke ke oa haha ntlo eo empa mora eo u tla ba le eena* ke eena ea tla e haha.’+

  • 1 Likronike 22:7, 8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Davida a re ho mora oa hae Solomone: “Ke ne ke lakalitse ho haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la Jehova Molimo oa ka.+ 8 Empa Jehova o ile a re ho ’na, ‘U bolaile batho ba bangata haholo ebile u loanne lintoa tse ngata. U ke ke oa haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la ka+ hobane u bolaile batho ba bangata lefatšeng.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela