-
2 Marena 24:18-20Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
18 Tsedekia o ne a le lilemo li 21 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 11. Lebitso la ’mè oa hae e ne e le Hamutale+ morali oa Jeremia ea tsoang Libna. 19 Tsedekia o ile a etsa lintho tsohle tseo Jojakime a li entseng tse sa thabiseng Jehova.+ 20 Lintho tseo batho ba Jerusalema le Juda ba ileng ba li etsa li ile tsa halefisa Jehova hoo a ileng a ba leleka ka pel’a mahlo a hae.+ Tsedekia a fetohela morena oa Babilona.+
-
-
Jeremia 52:1-3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
52 Tsedekia+ o ne a le lilemo li 21 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 11. Lebitso la ’mè oa hae e ne e le Hamutale+ morali oa Jeremia oa Libna. 2 Tsedekia o ile a etsa lintho tsohle tseo Jojakime a li entseng tse sa thabiseng Jehova.+ 3 Lintho tseo batho ba Jerusalema le Juda ba ileng ba li etsa li ile tsa halefisa Jehova hoo a ileng a ba leleka ka pel’a mahlo a hae.+ Tsedekia a fetohela morena oa Babilona.+
-