12 Ba ile ba etsa hore lipelo tsa bona li be thata joaloka taemane*+ ’me ba hana ho mamela molao* le mantsoe ao Jehova oa mabotho a ileng a a romela ka moea oa hae a sebelisa baprofeta ba pele.+ Kahoo, Jehova oa mabotho a halefa haholo.”+
5 Empa kaha u manganga ebile ha u batle ho baka, Molimo o tla u halefela. O tla u fa kotlo letsatsing leo ka lona a ahlolang batho ’me o tla ahlola ka toka.+