23 Ha Akitofele a bona hore keletso ea hae ha ea sebelisoa, a palama tonki ’me a ea ntlong ea hae motseng oa habo.+ Ka mor’a hore a fe ba lelapa la hae litaelo,+ a iphanyeha.*+ Kahoo, a shoa ’me a pateloa moo baholo-holo ba hae ba patetsoeng teng.
14 Eaba Joabe o re: “E-re ke tlohele ho itšenyetsa nako ka uena!” A nka metsu* e meraro, a e hlabella pelong ea Absalome a ntse a phela a leketlile sefateng se seholo.
3 Joale ha Judase ea mo rekisitseng* a bona hore Jesu o ne a ahlotsoe, a itšoabela eaba o khutlisetsa likotoana tsa silevera tse 30 ho baholo le baprista ba baholo a re:+
16 “Bana beso, boprofeta ba lengolo leo moea o halalelang o ileng oa susumetsa Davida hore a bo bolele bo ne bo lokela ho phethahala. Ke boprofeta bo buang ka Judase+ ea ileng a tataisa batho ba ileng ba tšoara Jesu.+