Pesaleme 10:4 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 4 Motho ea khopo ha a etse lipatlisiso hobane oa ikhohomosa. O lula a nahana a re: “Molimo ha a eo.”+ Pesaleme 10:11 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 11 Ka pelong ea hae o re: “Molimo o lebetse.+ Ha a na taba.* Ha a bone letho.”+ Pesaleme 94:3 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 3 Jehova, ba khopo ba tla tsoela pele ba thabile ho fihlela neng?+ E tla ba ho fihlela neng? Pesaleme 94:7 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 7 Ba re: “Jah ha a bone.+ Molimo oa Jakobo ha a hlokomele se etsahalang.”+ Ezekiele 8:12 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 12 A re ho ’na: “Mor’a motho, na u bona seo baholo ba Iseraele ba se etsang lefifing, e mong le e mong a le ka likamoreng tsa hae tse ka hare tse nang le litšoantšo tsa hae tse rapeloang? Ba re, ‘Jehova ha a re bone. Jehova o tlohile naheng ena.’”+ Sofonia 1:12 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 12 Nakong eo, ke tla hlahloba Jerusalema ke e khantšitse ka mabone,Ke otle bohle ba khotsofaletseng tsela eo ba phelang* ka eona ba ntse ba re ka lipelong tsa bona: ‘Jehova a ke ke a etsa letho, a ke ke a etsa ntho e mpe kapa e molemo.’+
4 Motho ea khopo ha a etse lipatlisiso hobane oa ikhohomosa. O lula a nahana a re: “Molimo ha a eo.”+
12 A re ho ’na: “Mor’a motho, na u bona seo baholo ba Iseraele ba se etsang lefifing, e mong le e mong a le ka likamoreng tsa hae tse ka hare tse nang le litšoantšo tsa hae tse rapeloang? Ba re, ‘Jehova ha a re bone. Jehova o tlohile naheng ena.’”+
12 Nakong eo, ke tla hlahloba Jerusalema ke e khantšitse ka mabone,Ke otle bohle ba khotsofaletseng tsela eo ba phelang* ka eona ba ntse ba re ka lipelong tsa bona: ‘Jehova a ke ke a etsa letho, a ke ke a etsa ntho e mpe kapa e molemo.’+