27 Ba etsa lipontšo tsa Molimo har’a Baegepeta,
Ba etsa le mehlolo ea hae naheng ea Kama.+
28 A romela lefifi ’me ha e-ba hotšo naheng.+
Ba ile ba mamela seo a se buileng.
29 A fetola metsi a bona mali,
A bolaea litlhapi tsa bona.+
30 Naheng ea bona ha tlala linqanqane,+
Tsa tlala le ka likamoreng tsa morena.
31 A romela liboba le menoang
Hore li hlasele libaka tsohle tsa bona.+
32 A etsa hore pula ea bona e be sefako,
A romela mahalima naheng ea bona.+
33 A senya lifate tsa bona tsa morara le tsa lifeie,
A roba lifate tse naheng ea bona.
34 A laela litsie hore li hlasele naha,
Litsie tse nyenyane tse se nang palo.+
35 Tsa ja limela tsohle tsa naha,
Le lintho tsohle tseo ba li lemmeng.
36 A bolaea matsibolo ’ohle naheng ea bona+
E leng bana ba bona ba pele.