-
Exoda 20:2-5Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
2 “Ke ’na Jehova Molimo oa hao ea u ntšitseng naheng ea Egepeta ntlong ea bokhoba.+ 3 U se ke oa rapela melimo e meng ntle ho ’na.+
4 U se ke oa iketsetsa setšoantšo kapa ntho leha e le efe e tšoanang le ntho e holimo maholimong kapa e tlase lefatšeng kapa e metsing ka tlas’a lefatše.+ 5 U se ke oa li inamela kapa oa li sebeletsa*+ hobane ’na Jehova Molimo oa hao, ke Molimo ea batlang hore batho ba inehele ho ’na feela,+ ea fanang ka kotlo ho bara ka lebaka la liphoso tsa bo-ntate ba bona, ho moloko oa boraro le moloko oa bone oa ba ntlhoileng.
-