Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pesaleme 135:15-18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Litšoantšo tseo lichaba li li rapelang li entsoe ka silevera le khauta,

      Li entsoe ke batho.+

      16 Li na le melomo empa ha li bue.+

      Li na le mahlo empa ha li bone.

      17 Li na le litsebe empa ha li utloe.

      Ebile ha li khone le ho hema.+

      18 Batho ba li etsang ba tla tšoana le tsona+

      Le bohle ba li tšepang ba tla tšoana le tsona.+

  • Esaia 40:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Setsebi sa mosebetsi oa matsoho se etsa setšoantšo,*

      Motho ea sebetsang ka tšepe o se penta ka khauta+

      Ebe o tea liketane tsa silevera.

  • Esaia 46:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  6 Ho na le batho ba ntšang khauta e ngata lipacheng tsa bona.

      Ba bekha silevera sekaleng.

      Ba hira motho ea sebetsang ka tšepe ebe o etsa molimo ka silevera eo.+

      Ba itihela fatše ka lifahleho, baa o rapela.*+

  • Jeremia 10:3, 4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  3 Etsoe meetlo ea lichaba ha e na thuso.

      Setsebi sa mesebetsi ea matsoho se rema sefate morung

      Ebe ka sona se etsa setšoantšo.+

       4 Ba se khabisa ka silevera le khauta+

      Ebe ba se kokotela ka hamore le lipekere e le hore se se ke sa oa.+

  • Jeremia 10:8, 9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  8 Kaofela ha bona ha ba nahane ’me ha ba na kelello.+

      Thuto e fanoang ke litšoantšo tse entsoeng ka sefate ha e na thuso ho hang.+

       9 Makapa a silevera a rekoa Tarshishe+ le khauta e rekoa Ufaze,

      Li entsoe ke setsebi sa mesebetsi ea matsoho le matsoho a ea sebetsang ka tšepe.

      Liaparo tsa bona li entsoe ka khoele e putsoa le boea bo pherese.

      Kaofela li entsoe ke basebetsi ba hloahloa.

  • Liketso 19:26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 26 Lea bona ebile lea utloa kamoo Pauluse enoa a fetotseng maikutlo a batho ba bangata kateng ha a re melimo e entsoeng ka matsoho ha se melimo.+ Ha aa etsa lintho tsena Efese+ feela empa o li entse le profinseng eohle ea Asia.

  • 1 Bakorinthe 10:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Na ke re ntho e hlabetsoeng setšoantšo se rapeloang e bohlokoa kapa sona setšoantšo se bohlokoa?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2023)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2023 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela