Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jeremia 49:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Jehova oa mabotho o re ka Edomo:

      “Na ha ho sa na bohlale Temane?+

      Na keletso e ntle ha e sa le eo ho ba nang le kutloisiso?

      Na bohlale ba bona bo na le thuso?

  • Lillo Tsa Jeremia 4:22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Uena morali oa Sione, u phethile kotlo ea hao.

      A ke ke a hlola a u hapa.+

      Empa Uena morali oa Edomo, Molimo o tla hlokomela phoso ea hao.

      O tla senola libe tsa hao.+

  • Ezekiele 25:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Baedomo ba molato hobane ba iphetelitse ho Bajuda.+

  • Obadia 10-13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Kaha u kentse letsoho ho loantša ngoan’eno Jakobo+

      U tla soaba haholo+

      ’Me u tla timella ruri.+

      11 Letsatsing leo u neng u emeletse ka thoko,

      Mohla ba lireng* ba isang masole a Jakobo botlamuoeng,+

      Ha ba lireng ba kena motseng* oa hae ’me ba arolelana maruo a Jerusalema ka lotho,+

      U ne u le har’a bona.

      12 U ne u sa lokela ho thabela ho bona litsietsi tsa ngoan’eno letsatsing la tlokotsi ea hae,+

      U ne u sa lokela ho thabela batho ba Juda letsatsing la ho timela ha bona+

      Ebile u ne u sa lokela ho ba soma letsatsing la mahlomola a bona.

      13 U ne u sa lokela ho kena motseng oa batho ba ka mohla ba neng ba oeloa ke koluoa,+

      U ne u sa lokela ho thabela ho bona tlokotsi ea hae mohla a neng a hlaheloa ke koluoa.

      U ne u sa lokela ho inkela maruo a hae letsatsing la koluoa ea hae.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela