11 Batho ba Molimo ba hopola mehleng ea khale,
Mehleng ea mohlanka oa hae Moshe:
“O kae Ea ba ntšitseng leoatleng+ hammoho le balisa ba batho ba hae?+
O kae Ea theoletseng moea oa Hae o halalelang holim’a Moshe?+
12 O kae Ea neng a tšehelitse Moshe ka letsoho la Hae le matla,+
Ea arotseng metsi ka pel’a bona+
Ho etsa hore lebitso la hae le lule le hopoloa ho ea ho ile?+
13 O kae ea etsang hore ba tsamaee har’a leoatle le tebileng
E le hore ba tsamaee ba sa khoptjoe ke letho
Joaloka pere thoteng?