-
2 Samuele 4:9, 10Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
9 Leha ho le joalo, Davida a araba Rekabe le ngoan’abo Baana, bara ba Rimone oa Mobeerothe a re ho bona: “Ke hlapanya ka Jehova ea phelang ea ileng a mpholosa mathateng ’ohle,+ 10 ha motho e mong a ntlalehela hore Saule o shoele+ ’me a nahana hore o ntliselitse litaba tse monate, ke ile ka mo tšoara ’me ka mo bolaea+ Ziklage. Ke moputso oo ke ileng ka o fa motho eo.
-