-
Baahloli 8:2, 3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
2 Empa a re ho bona: “Seo ke se entseng ha se letho ha se bapisoa le seo le se entseng. Na morara o thonakiloeng ke Efraime+ ha o molemo ho feta morara o kotutsoeng ke Abi-ezere?+ 3 Molimo o entse hore le hlole likhosana tsa Midiane e leng Orebe le Zebe.+ ’Na ha kea etsa letho ha ke bapisoa le lona.” Ha a qeta ho bua mantsoe ana, ba tlohela ho halefa.
-
-
1 Samuele 25:32, 33Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
32 Eaba Davida o re ho Abigaile: “Ho rorisoe Jehova Molimo oa Iseraele, ea u rometseng hore u tl’o kopana le ’na letsatsing lena. 33 E se eka u ka hlohonolofatsoa hobane u bohlale ’me e se eka u ka hlohonolofatsoa hobane letsatsing lena u nthibetse hore ke se ke ka ba le molato oa mali+ le hore ke se ke ka iphetetsa.*
-