-
1 Samuele 2:22-25Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
22 Eli o ne a tsofetse haholo empa o ne a utloile ka lintho tsohle tseo bara ba hae ba neng ba li etsa+ ho Baiseraele bohle le kamoo ba neng ba robala le basali ba sebeletsang monyako oa tente ea pokano.+ 23 O ne a hlola a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le ntse le etsa lintho tse tjee? Lintho tseo ke utloang batho bohle ba li bua ka lona li mpe. 24 Tlohelang ho etsa lintho tseo bara ba ka hobane litaba tseo ke utloang batho ba Jehova ba li bua ka lona ha li khahlise. 25 Haeba motho a siteloa e mong, motho e mong a ka mo kopela ho Jehova hore a mo hauhele.* Empa ha motho a siteloa Jehova,+ ke mang ea ka mo rapellang?” Leha ho le joalo, ba ile ba hana ho mamela ntate oa bona hobane Jehova o ne a ikemiselitse ho ba bolaea.+
-
-
1 Samuele 8:1-3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
8 Ha Samuele a se a tsofetse, o ile a khetha bara ba hae hore e be baahloli ba Iseraele. 2 Lebitso la mora oa hae oa pele e ne e le Joele ’me lebitso la oa bobeli e le Abija.+ E ne e le baahloli Beersheba. 3 Empa bara ba hae ha baa ka ba latela mohlala oa hae. Ba ne ba fumana chelete ka bolotsana,+ ba amohela tjotjo+ ba bile ba sa ahlole ka toka.+
-