-
1 Samuele 2:22-25Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
22 Eli o ne a tsofetse haholo empa o ne a utloile ka lintho tsohle tseo bara ba hae ba neng ba li etsa+ ho Baiseraele bohle le kamoo ba neng ba robala le basali ba sebeletsang monyako oa tente ea pokano.+ 23 O ne a hlola a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le ntse le etsa lintho tse tjee? Lintho tseo ke utloang batho bohle ba li bua ka lona li mpe. 24 Tlohelang ho etsa lintho tseo bara ba ka hobane litaba tseo ke utloang batho ba Jehova ba li bua ka lona ha li khahlise. 25 Haeba motho a siteloa e mong, motho e mong a ka mo kopela ho Jehova hore a mo hauhele.* Empa ha motho a siteloa Jehova,+ ke mang ea ka mo rapellang?” Leha ho le joalo, ba ile ba hana ho mamela ntate oa bona hobane Jehova o ne a ikemiselitse ho ba bolaea.+
-
-
2 Likronike 36:15, 16Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
15 Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona a ’na a ba lemosa ka baromuoa ba hae. O ne a ba lemosa ka makhetlo a mangata hobane a utloela batho ba hae bohloko a bile a sa batle hore tempele ea hae e felisoe. 16 Empa ba ile ba soma baromuoa bao ba Molimo oa ’nete,+ ba nyatsa mantsoe+ a hae ba ba ba soma baprofeta ba hae,+ hoo Jehova a ileng a halefela batho ba hae haholo,+ ho fihlela ba se ba sa khone ho thusoa.
-