29 Le tla phopholetsa har’a motšehare feela joalokaha motho ea foufetseng a phopholetsa lefifing+ ’me le ke ke la atleha nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo le e etsang. Le tla lula le etsetsoa bolotsana ebile le nkeloa lintho, ho se ea le pholosang.+
52 Se tla le thibella, se le koalle ka har’a metse* ea lona naheng ea lona ho fihlela marako a lona a phahameng a le sirelelitseng a oa. Se tla le thibella ka har’a metse ea lona eo Jehova Molimo oa lona a le fileng eona.+