-
Matheu 8:14-17Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
14 Ha Jesu a kena ka tlung ea Petrose, a fumana mohoehali oa Petrose*+ a robetse a tšoeroe ke feberu.+ 15 Kahoo, Jesu a tšoara letsoho la hae+ eaba oa fola. Mohoehali oa Petrose a ema eaba o ba etsetsa lijo. 16 Empa ha e e-ba mantsiboea, batho ba mo tlisetsa batho ba bangata ba nang le bademona. A leleka bademona bao ka ho ba laela feela ’me a phekola bohle ba neng ba kula 17 e le hore a phethahatse mantsoe a ileng a buuoa ka moprofeta Esaia ha a re: “O ile a jara maloetse a rona, a jara le mafu a rona.”+
-