25 Ke ka lebaka leo Jehova a halefetseng batho ba hae haholo,
O tla phahamisa letsoho la hae a ba bolaee.+
Lithaba li tla tsukutleha,
Litopo tsa bona li tšoane le lithole tse seterateng.+
Ka lebaka la lintho tsena, Molimo oa tuka ke bohale
Ebile o ntse a phahamisitse letsoho hore a ba otle.