Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 25:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  8 O tla felisa lefu ka ho sa feleng.+

      Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle.+

      O tla etsa hore batho ba hae lefatšeng lohle ba se ke ba hlola ba tlotlolloa

      Hobane ke Jehova ka boeena ea buileng joalo.

  • Hosea 13:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Ke tla lopolla batho ba ka Lebitleng,*

      Ke ba lokolle lefung.+

      Lefu, metsu ea hao e hlabang e hokae?+

      Lebitla, matla a hao a ho felisa a hokae?+

      Nke ke ka le qenehela.

  • Mareka 12:26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 26 Empa tabeng ea ho tsosoa ha bafu, na ha lea ka la bala bukeng ea Moshe moo ho buuoang ka sehlahla se meutloa, hore Molimo o ile a re ho eena: ‘Ke ’na Molimo oa Abrahama, Isaka le Jakobo’?+

  • Johanne 5:28, 29
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Le se ke la makala hobane ho na le nako eo bohle ba mabitleng* ba tla utloa lentsoe la hae+ 29 ebe baa tsoa. Ba entseng lintho tse lokileng ba tla tsohela bophelo, ba neng ba tloaetse ho etsa lintho tse fosahetseng ba tsohele kahlolo.*+

  • Johanne 11:24, 25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Maretha a re: “Kea tseba hore o tla tsoha mohla tsoho ea bafu+ ka letsatsi la ho qetela.” 25 Jesu a re ho eena: “Ke ’na tsoho le bophelo.+ Ea bontšang hore o lumela ho ’na, leha a ka shoa o tla boela a phele.

  • Liketso 24:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Ke na le tšepo eo batho bana le bona ba nang le eona ea hore Molimo o tla tsosa+ batho ba lokileng le ba sa lokang bafung.+

  • 1 Bakorinthe 15:21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 Kaha lefu le bile teng ka motho,+ tsoho ea bafu le eona e teng ka motho.+

  • 1 Bathesalonika 4:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Haeba re lumela hore Jesu o ile a shoa a ba a tsoha,+ re boetse re lumela hore Molimo o tla tsosa bohle ba shoeleng e le balateli ba Jesu e le hore ba ka ba le Jesu.+

  • Tšenolo 20:12, 13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Ka bona bafu ba baholo le ba banyenyane ba eme ka pel’a terone ’me meqolo ea buloa. Empa ho ile ha buloa moqolo o mong, moqolo oa bophelo.+ Bafu ba ile ba ahloloa ka lintho tse ngotsoeng meqolong eo ho ea ka liketso tsa bona.+ 13 Leoatle la khutlisa bafu ba ka ho lona, lefu le Lebitla* le tsona tsa khutlisa bafu ba ka ho tsona eaba e mong le e mong o ahloloa ho ea ka liketso tsa hae.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela