-
Jeremia 36:22-24Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
22 Morena o ne a lutse ka tlung eo a neng a lula ho eona mariha. E ne e le khoeli ea borobong* ’me mollo o ne o ntse o tuka leifong le ka pel’a hae. 23 Ka mor’a hore Jehudi a bale likarolo tse tharo kapa tse ’nè tsa moqolo, morena o ne a tabola likarolo tseo ka thipa ea mongoli ebe o li lahlela mollong o neng o tuka leifong, ho fihlela moqolo kaofela o fella mollong. 24 Morena le bahlanka bohle ba hae ba neng ba mametse litaba tsena tsohle ha baa ka ba tšoha ebile ha baa ka ba tabola liaparo tsa bona.
-