-
Deuteronoma 29:19, 20Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
19 Empa haeba motho e mong a utloa mantsoe a kano ena ’me a ithorisa ka pelong ea hae a re, ‘Ha ho na letho le tla nketsahalla leha nka tsoela pele ke phela ka tsela eo ke e batlang’ ’me seo se etsa hore motho e mong le e mong* ea haufi le eena a bolaoe, 20 Jehova a ke ke a tšoarela+ motho eo. Ho e-na le hoo, Jehova o tla mo halefela haholo ’me o tla tleloa ke likotlo tsohle tse ngotsoeng ka bukeng ena+ ’me ka sebele Jehova o tla hlakola lebitso la hae tlas’a maholimo.
-