49 Jehova o tla romela sechaba se tsoang hole,+ se tsoang qetellong ea lefatše hore se le hlasele, se tla le fofela joaloka ntsu,+ sechaba seo le ke keng la utloisisa puo ea sona,+50 sechaba se bohale se ke keng sa qenehela motho ea tsofetseng kapa e mocha.+
24 Ke tla tlisa batho ba khopo ka ho fetisisa lichabeng+ ’me ba tla nka matlo a bona.+ Ke tla etsa hore batho ba matla ba se ke ba hlola ba ikhohomosa ebile libaka tsa bona tse halalelang li tla silafatsoa.+