12 Jehova o re: “Le sa na le nako ea ho khutlela ho ’na, le khutlele ho ’na ka lipelo tsohle,+
Itimeng lijo,+ le lle, le bokolle.
13 Le bontše hore le soabile ho tloha pelong,+ le se ke la tabola liaparo tsa lona feela,+
Khutlelang ho Jehova Molimo oa lona
Hobane o na le kutloelo-bohloko, o mohau, o lieha ho halefa+ ’me o lerato,+
O tla fetola maikutlo a hae ebe ha a le tlisetse tlokotsi.
14 Ho tseba mang? Mohlomong o tla fetola qeto eo a e entseng+
Ebe oa le hlohonolofatsa
E le hore le ka etsetsa Jehova Molimo oa lona nyehelo ea lijo le nyehelo ea seno.