Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 26:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Ke tla ba le lona, ke be Molimo oa lona+ ’me le tla ba sechaba sa ka.+

  • Ezekiele 11:19, 20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Ke tla ba momahanya,* ke fetole lipelo tsa bona+ le tsela eo ba nahanang ka eona.+ Ke tla tlosa pelo e joaloka lejoe ’meleng ea bona+ ’me ke ba fe pelo ea nama,*+ 20 e le hore ba mamele melao ea ka ba be ba latele litaelo tsa ka. E tla ba sechaba sa ka, ’na ke tla ba Molimo oa bona.’”

  • Ezekiele 43:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 O ile a re ho ’na:

      “Mor’a motho, sena ke sebaka sa terone ea ka+ le seo ke behang maoto a ka ho sona,+ ke moo ke tla lula teng har’a sechaba sa Iseraele ka ho sa feleng.+ Baiseraele le marena a bona ha ba sa tla hlola ba silafatsa lebitso la ka le halalelang+ ka ho se ntšepahalle* le ka litopo tsa marena a bona.

  • Hosea 2:23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 Ke tla jala batho ba ka joaloka peo lefatšeng,+

      Ke hauhele ba sa kang ba hauheloa.*

      Ke tla re ho batho bao e seng sechaba sa ka: “Le sechaba sa ka,”*+

      Bona ba tla re: “U Molimo oa rona.”’”+

  • Tšenolo 21:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Eaba ke utloa lentsoe le phahameng le tsoang teroneng le re: “Bona! Tente ea Molimo e har’a batho. O tla lula le bona ’me e tla ba batho ba hae. Molimo o tla ba le bona.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela