7 Ke tla etsa hore sechaba sa ka sa Iseraele se tsebe lebitso la ka le halalelang. Ha ke sa tla lumella hore lebitso la ka le halalelang le silafatsoe. Lichaba li tla tseba hore ke ’na Jehova+ Molimo ea Halalelang Iseraele.+
2 Jehova oa mabotho o re, “Letsatsing leo, ke tla tlosa mabitso a litšoantšo tse rapeloang naheng ena+ ’me li ke ke tsa hlola li hopoloa. Ke tla tlosa baprofeta naheng ena+ le ba hlohlelletsang batho hore ba etse lintho tse sa hloekang.