Esaia 55:7 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 7 Motho ea khopo a tlohele tsela ea hae,+A tlohele ho nahana bokhopo. A ke a khutlele ho Jehova, ea tla mo hauhela,+A khutlele ho Molimo oa rona hobane o tla mo tšoarela ka pelo eohle.*+ Jeremia 3:22 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 22 “Khutlang, lona bana ba koenehileng. Ke tla le folisa ’me le ke ke la hlola le e-ba bakoenehi.”+ “Ke rona bana! Re tlile ho uenaHobane Jehova, u Molimo oa rona.+ Jeremia 25:5 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 5 Ba ne ba re: ‘Ka kopo e mong le e mong oa lona a ke a tlohele mekhoa ea hae e mebe le mesebetsi ea hae e mebe.+ Haeba le etsa joalo, le tla tsoela pele ho lula halelele naheng eo Jehova a e fileng lona le baholo-holo ba lona ho tloha khale. Liketso 3:19 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 19 Bakang+ ’me le sokolohe,+ libe tsa lona li tle li hlakoloe+ e le hore Jehova* a ka le khatholla*
7 Motho ea khopo a tlohele tsela ea hae,+A tlohele ho nahana bokhopo. A ke a khutlele ho Jehova, ea tla mo hauhela,+A khutlele ho Molimo oa rona hobane o tla mo tšoarela ka pelo eohle.*+
22 “Khutlang, lona bana ba koenehileng. Ke tla le folisa ’me le ke ke la hlola le e-ba bakoenehi.”+ “Ke rona bana! Re tlile ho uenaHobane Jehova, u Molimo oa rona.+
5 Ba ne ba re: ‘Ka kopo e mong le e mong oa lona a ke a tlohele mekhoa ea hae e mebe le mesebetsi ea hae e mebe.+ Haeba le etsa joalo, le tla tsoela pele ho lula halelele naheng eo Jehova a e fileng lona le baholo-holo ba lona ho tloha khale.