Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 2:7, 8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  7 Jehova a ka baka bofutsana ebile a ka ruisa.+

      O kokobetsa batho ebile oa ba phahamisa.+

       8 O phahamisa ea tlase leroleng.

      O phahamisa mofutsana moloreng*+

      Hore a lule le bahlomphehi,

      O ba beha setulong se hlomphehang.

      Litšehetso tsa lefatše ke tsa Jehova,+

      O beha naha holim’a tsona.

  • Jobo 34:24
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 O felisa ba matla ho sa hlokahale hore a etse lipatlisiso

      Ebe o beha ba bang sebakeng sa bona.+

  • Jeremia 27:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 ‘Ke ’na ea entseng lefatše, batho le liphoofolo tse lefatšeng ka matla a ka le ka letsoho la ka le matla.* Ke li file mang kapa mang eo ke mo ratang.*+

  • Ezekiele 21:26, 27
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 26 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Rola tuku le korone.+ Lintho li tla fetoha.+ Phahamisa ea tlase+ ’me u theole ea phahameng.+ 27 Ke tla felisa borena,* ke bo felise bo fele. Ha ho na motho ea tla fuoa borena ho fihlela motho ea nang le tokelo ea molao a fihla+ ’me ke mo fa bona.’+

  • Daniele 2:21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 O fetola linako le mehla,+

      O tlosa marena ebile o beha marena,+

      O hlalefisa ba bohlale ebile o fa ba nang le temoho tsebo.+

  • Daniele 7:13, 14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Liponong tsa bosiu ka bona e mong ea joaloka mor’a motho+ a tla ka maru a maholimo. A lumelloa ho kena ho Moholo-holo oa Matsatsi+ ’me ba mo atametsa ka pel’a hae. 14 A fuoa bobusi,+ ho hlompheha+ le ’muso hore batho ba lichaba, merabe le ba lipuo tse fapaneng kaofela ba mo sebeletse.+ Bobusi ba hae ke bo ke keng ba fela kapa ba feta le ’muso oa hae o ke ke oa felisoa.+

  • Luka 1:32, 33
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 32 O tla ba matla,+ a bitsoe Mora oa Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa.+ Jehova* o tla mo fa terone ea ntate oa hae Davida,+ 33 puso ea hae e ke ke ea fela+ ’me e tla ba morena oa bana ba Jakobo ka ho sa feleng.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela