Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pesaleme 45:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  6 Molimo o u fa matla a ho busa* ka ho sa feleng.+

      Lere la puso ea hao ke lere la toka.+

  • Esaia 9:6, 7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  6 Re tsoaletsoe ngoana,+

      Re filoe mora,

      Puso* e tla lula lehetleng la hae.+

      O tla rehoa Moeletsi ea Hlollang,+ Molimo ea Matla,+ Ntate oa ka ho sa Feleng, Khosana ea Khotso.

       7 Puso* ea hae e ke ke ea khaotsa ho hola

      Le khotso e tla ba teng ka ho sa feleng+

      Teroneng ea Davida+ le ’musong oa hae.

      E tla tsitsisoa+ le ho tšehetsoa

      Ka toka+ le ka ho loka,+

      Ho tloha hona joale ho ea ho ile.

      Jehova oa mabotho o tla etsa sena ka cheseho.

  • Daniele 2:44
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 44 Matsatsing a marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso+ o ke keng oa felisoa le ka mohla.+ ’Muso ona o ke ke oa fetisetsoa ho batho ba bang.+ O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela+ ’me ke oona feela o tla lula o le teng ka ho sa feleng.+

  • Luka 1:32, 33
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 32 O tla ba matla,+ a bitsoe Mora oa Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa.+ Jehova* o tla mo fa terone ea ntate oa hae Davida,+ 33 puso ea hae e ke ke ea fela+ ’me e tla ba morena oa bana ba Jakobo ka ho sa feleng.”

  • Tšenolo 11:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Lengeloi la bosupa la letsa terompeta ea lona.+ Ha utloahala mantsoe a phahameng leholimong a reng: “’Muso oa lefatše e se e le ’Muso oa Morena oa rona+ le oa Kreste oa hae.+ O tla busa* e le morena ka ho sa feleng.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela