Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Amose 5:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Le hirisetsa bafutsana masimo*

      Hape le ba patalisa lekhetho ka lijo.*+

      Le ke ke la lula ka har’a matlo ano a lona ao le a hahileng ka majoe.+

      Le masimo a morara o motle le a lemme empa le ke ke la noa veine ea oona.+

  • Amose 8:4-6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  4 Mamelang lona ba hatellang bafutsana,

      Lona ba thatafaletsang baikokobetsi bophelo,+

       5 Le re: ‘Mokete oa khoeli* e ncha o fela neng+ re tsebe ho rekisa lijo* tsa rona?

      Letsatsi la Sabatha+ le tla feta neng e le hore re rekise lijo,

      Re theole tekanyo ea tsona

      Ebe re nyolla chelete,*

      Re qhekelle bareki ka likala tse sa tšepahaleng?+

       6 Re tla reka mofutsana ka silevera,

      Re mo reke ka lieta,*+

      Re rekise karolo e se nang thuso ea lijo.’*

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela