Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Luka 12:22-28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Jesu a re ho barutuoa ba hae: “Ka lebaka lena ke re ho lona, tlohelang ho tšoenyeha ka bophelo ba lona hore na le tla ja’ng kapa la tšoenyeha ka ’mele ea lona hore na le tla apara’ng.+ 23 Etsoe bophelo bo bohlokoa ho feta lijo le ’mele o bohlokoa ho feta liaparo. 24 Shebang makhoaba, ha a jale peo, ha a kotule ebile ha a na litoro kapa moo a bokellelang lijo teng empa Molimo oa a fepa.+ Na ha le bohlokoa haholo ho feta linonyana?+ 25 Ke mang ho lona eo ha a tšoenyeha a ka lelefatsang bophelo ba hae leha e le hanyenyane feela?* 26 Haeba le ke ke la khona ho etsa ntho e nyenyane joalo, ke hobane’ng ha le tšoenyeha ka lintho tse ling?+ 27 Hlokomelang kamoo lipalesa* li holang kateng. Ha li lohe liaparo ebile ha li sebetse ka thata empa kea le bolella hore esita le Solomone le hoja a ne a apara hantle, o ne a sa apare joaloka tsona.+ 28 Haeba ena ke tsela eo Molimo a apesang limela tsa naha ka eona, tse leng teng kajeno ’me hosane li lahleloa ka ontong, na a ke ke a le apesa le ho feta, lona ba nang le tumelo e nyenyane?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela