Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 9:36
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 36 Ha a bona batho, a ba hauhela+ hobane ba ne ba sotlehile ebile ba qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.+

  • Matheu 15:32
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 32 Empa Jesu a bitsa barutuoa ba hae a re: “Ke hauhela batho bana+ hobane ba se ba qetile matsatsi a mararo ba lutse le ’na ’me ha ba na lijo. Ha ke batle hore ba tsamaee ba lapile hobane ba ka ’na ba felloa ke matla tseleng.”+

  • Mareka 1:41
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 41 Jesu a mo hauhela ’me a otlolla letsoho a mo tšoara eaba o re ho eena: “Kea batla, hloeka.”+

  • Mareka 6:34
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 34 Ha Jesu a tsoa ka sekepeng, a bona batho ba bangata ’me a ba hauhela+ hobane ba ne ba tšoana le linku tse se nang molisa.+ A qala ho ba ruta lintho tse ngata.+

  • Luka 7:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Ha Morena a mo bona a mo hauhela+ eaba o re ho eena: “U se ke oa lla.”+

  • Baheberu 2:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Ka lebaka leo, o ile a tlameha ho tšoana le “bana babo” ka litsela tsohle+ e le hore e ka ba moprista ea phahameng ea mohau le ea tšepahalang ha a etsa mosebetsi oa Molimo. Hape o ile a fana ka sehlabelo+ se hlakolang libe tsa batho e le hore ba ka ba le khotso le Molimo.+

  • Baheberu 5:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 O khona ho ba mosa* ho batho ba etsang liphoso hobane ba sa tsebe kaha le eena oa hopola hore o etsa liphoso.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela