Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Mareka 12:13-17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Ka mor’a moo, ba roma ba bang ba Bafarisi le balateli ba Heroda ho eena hore ba mo tšoare ka lipuo tsa hae.+ 14 Ha ba fihla ba re ho eena: “Mosuoe, rea tseba hore u na le ’nete le hore ha u reke sefahleho sa mang kapa mang hobane ha u shebe ponahalo ea batho empa u ruta tsela ea Molimo ka ’nete. Na ka molao* motho o lokela ho patala lekhetho ho Sesare kapa che? 15 Re lefe kapa re se ke ra lefa?” Ha a lemoha boikaketsi ba bona a re ho bona: “Le ntekela’ng? Ntlisetseng denari* ke e bone.” 16 Ba e tlisa. A re ho bona: “Setšoantšo le mongolo oo ke tsa mang?” Ba re ho eena: “Ke tsa Sesare.” 17 Joale Jesu a re: “Le fe Sesare lintho tsa hae+ le Molimo le mo fe tsa hae.”+ Eaba ba qala ho mo tsota.

  • Luka 20:20-26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Ba ne ba shebile monyetla o mong le o mong o ka hlahang oa ho tšoara Jesu. Kahoo, ba hira banna ba bang hore ba ee ho Jesu ba etse eka ba lokile e le hore ba ka mo tšoara ka lipuo tsa hae,+ ba tle ba mo ise ho ba boholong ’musong le ho ’musisi. 21 Eaba baa mo botsa ba re: “Mosuoe, rea tseba hore u bua ’nete ha u ruta batho ebile ha u leeme* empa u ruta tsela ea Molimo ka ’nete. 22 Na ka molao* re lokela ho patala lekhetho ho Sesare kapa che?” 23 Empa ha Jesu a lemoha hore ba bolotsana, a re ho bona: 24 “Mpontšeng denari.* Setšoantšo le mongolo tse hlahang moo ho eona ke tsa mang?” Ba re: “Ke tsa Sesare.” 25 A re ho bona: “Joale le fe Sesare lintho tsa hae+ le Molimo le mo fe tsa hae.”+ 26 Ha baa ka ba khona ho mo tšoara ka lipuo ka pel’a batho empa ba ile ba thola hobane ba makalitsoe ke karabo ea hae.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela