Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Mareka 12:18-23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Basaduse, ba reng ha ho na tsoho ea bafu,+ ba tla ho eena ba re:+ 19 “Mosuoe, Moshe o ile a re ngolla molao o reng haeba motho a shoa a se na ngoana, ngoan’abo o tla nyala mosali oa hae e le hore a tle a mo etsetse bana.+ 20 Ho ne ho e-na le bana ba motho ba supileng. Eaba oa pele oa nyala empa a shoa a se na bana. 21 Oa bobeli a mo kenela empa le eena a shoa a se na bana. Oa boraro le eena ka tsela e tšoanang. 22 Banna bao ba supileng kaofela ba ile ba shoa ba se na bana. Qetellong le mosali eo a shoa. 23 Ha ba se ba tsositsoe, mosali eo e tla ba oa mang ho bao ba supileng hobane kaofela ba ile ba mo nyala?”

  • Luka 20:27-33
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Leha ho le joalo, ba bang ba Basaduse ba reng ha ho na tsoho ea bafu,+ ba tla ho eena ba re:+ 28 “Mosuoe, Moshe o ile a re ngolla molao o reng haeba motho a shoa a e-na le mosali empa a se na bana, ngoan’abo o tla nyala mosali oa hae e le hore a tle a mo etsetse bana.+ 29 Joale ho ne ho e-na le bana ba motho ba supileng. Eaba oa pele oa nyala empa a shoa a se na bana. 30 Oa bobeli 31 le oa boraro ba mo kenela ho fihlela ho oa bosupa empa kaofela ha bona ba shoa ba se na bana. 32 Qetellong mosali eo le eena a shoa. 33 Ha ba se ba tsositsoe, mosali eo e tla ba oa mang ho bao ba supileng hobane kaofela ba ile ba mo nyala?”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela