-
1 Samuele 21:1-6Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
21 Hamorao Davida a tla Nobe+ ho moprista Akimeleke. Akimeleke a thothomela ha a kopana le Davida ’me a re ho eena: “Ke hobane’ng ha u tsamaea u le mong?”+ 2 Davida a araba moprista Akimeleke a re: “Morena o ntaetse hore ke etse ntho e itseng empa o itse ke se ke ka bolella motho leha e le ofe ka ntho eo a itseng ke e’o e etsa le ka litaelo tseo a mphileng tsona. Ke hlophisitse le bahlanka ba ka hore re kopane sebakeng se itseng. 3 Joale haeba ho e-na le mahobe a mahlano ao u ka fanang ka ’ona, mphe ’ona kapa u mphe ntho leha e le efe e teng.” 4 Empa moprista a re ho Davida: “Ha ho na bohobe mona boo nka fanang ka bona, bohobe bo teng ke bohobe bo halalelang.+ Bahlanka ba hao ba ka bo ja haeba ba ile ba ba hole le basali.”*+ 5 Davida a araba moprista a re: “E se e le nako re sa kopane le basali joaloka linakong tse fetileng ha ke ne ke ea ntoeng.+ Haeba bahlanka bao ba lula ba halalela esita leha ba ronngoe mesebetsing e tloaelehileng, kajeno e tlameha ebe ba halalela le ho feta mosebetsing ona o khethehileng.” 6 Kahoo, moprista a mo fa bohobe bo halalelang+ hobane ho ne ho se na bohobe bo bong ntle le bohobe ba pontšo, bo neng bo tlositsoe ka tabernakeleng ea Jehova mohla ho neng ho behoa bo bocha.
-