-
Johanne 18:25-27Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
25 Ha Simone Petrose a ntse a orile mollo, ba re ho eena: “Na ha u e mong oa barutuoa ba hae?” A latola a re: “Ha ke eena.”+ 26 E mong oa makhoba a moprista ea phahameng, ea amanang le monna eo Petrose a ileng a mo khaola tsebe+ a re: “Ke u bone serapeng u e-na le eena.” 27 Empa Petrose a latola hape. Hang ha a qeta ho latola, mokoko oa lla.+
-