69 Petrose o ne a lutse ka ntle lebaleng ha ngoanana* e mong a tla ho eena a re: “Le uena u ne u tsamaea le Jesu oa Mogalilea.”+70 Empa a hana ka pel’a bona kaofela a re: “Ha ke tsebe hore na u bua ka’ng.”
69 Ngoanana e mong a mo bona hape. A re ho ba emeng haufi le moo: “E mong oa bona ke enoa.” 70 A boela a itatola. Ka mor’a nakoana, ba emeng haufi le moo ba re ho Petrose: “Kannete u e mong oa bona hobane hantle-ntle u Mogalilea.”