12 O ile a lumella bohle ba mo amohetseng hore e be bana ba Molimo+ hobane ba ne ba bontša hore ba na le tumelo lebitsong la hae.+13 Ha baa ka ba tsoaloa e le batho ba nama le mali kapa ka lebaka la thato ea motho empa ba tsoetsoe ke Molimo.+
3 Ho rorisoe Molimo, Ntate oa Morena oa rona Jesu Kreste hobane ka lebaka la mohau oa hae re ile ra tsoaloa bocha+ ha a tsosa Jesu Kreste bafung+ e le hore re be le tšepo e sa feleng.+
9 Bana ba Molimo ha ba itloaetse ho etsa sebe+ hobane moea oa hae o halalelang* o lula ho bona. Ba ke ke ba tloaela ho etsa sebe hobane ba tsoetsoe ke Molimo.+