-
Johanne 11:49-51Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
49 Har’a bona ho ne ho e-na le monna ea bitsoang Kaifase+ eo e neng e le moprista ea phahameng selemong seo. A re ho bona: “Lona ha ho na ntho eo le e tsebang. 50 Ha le bone hore ho molemong oa lona hore motho a le mong a shoele sechaba ho e-na le hore sechaba kaofela se felisoe?” 51 Ha a cho joalo o ne a sa iqapele. Kaha e ne e le moprista ea phahameng selemong seo, o ne a profeta hore Jesu o tšoanetse ho shoela sechaba.
-