Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 5:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Thabang, le tlola-tlole ke thabo+ hobane moputso oa lona+ o moholo maholimong kaha le nakong e fetileng ba ile ba hlorisa baprofeta ka tsela e tšoanang.+

  • Liketso 16:25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Har’a mpa ea bosiu Pauluse le Silase ba ne ba rapela ba bile ba rorisa Molimo ka pina.+ Batšoaruoa ba bang ba ne ba ba mametse.

  • Baroma 5:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Hape a re thabeng* leha re e-na le mathata+ kaha rea tseba hore mathata a etsa hore re be le mamello,+

  • 2 Bakorinthe 12:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Kea thaba ha ke fokola, ha ke rohakoa, ha ke se na letho, ha ke hlorisoa le ha ke hlaheloa ke mathata ka lebaka la Kreste hobane ha ke fokola ke hona ha ke le matla.+

  • Bafilipi 1:29
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 29 Ha lea fuoa monyetla oa ho lumela ho Kreste feela empa le boetse le fuoe monyetla oa ho utloa bohloko ka lebaka la hae.+

  • Baheberu 10:34
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 34 Le ile la utloela ba teronkong bohloko. Ha lea ka la felloa ke thabo ha le nkeloa lintho tsa lona+ hobane le ne le tseba hore le na le letlotlo le molemo ho feta, le sa senyeheng.+

  • 1 Petrose 4:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Ho fapana le hoo, kaha le utloa bohloko ka mabaka a tšoanang le ao Kreste a ileng a utloa bohloko ka ’ona,+ le lule le thabile+ e le hore mohla boholo ba Kreste bo bonahatsoang le ka thaba haholo.+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela