Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 39:7-9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Mosali oa mong’a hae a khahloa ke eena ’me a re: “Robala le ’na.” 8 Empa a hana ’me a re ho mosali oa mong’a hae: “Mong’a ka ha a tšoenyehe ka letho ha ke le teng ka tlung ’me o mpehile hore ke hlokomele lintho tsohle tseo a nang le tsona. 9 Ha ho e moholo ho mpheta* ka tlung ena ’me ha aa nkhanela ka letho haese ka uena hobane u mosali oa hae. Nka etsa bobe boo bo boholo joang ’me ka fosetsa Molimo?”+

  • 1 Bakorinthe 6:9, 10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Na ha le tsebe hore batho ba sa lokang ba ke ke ba kena ’Musong oa Molimo?+ Le se ke la khelosoa.* Batho ba tloaetseng ho etsa* boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,*+ ba rapelang litšoantšo,+ ba febang,+ banna ba etsang thobalano le banna ba bang,*+ 10 masholu, batho ba sa khotsofaleng,*+ matahoa,+ ba litlhapa* kapa ba nkang lintho tsa batho ba bang ka mahahapa ba ke ke ba kena ’Musong oa Molimo.+

  • Baefese 5:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Le tseba hantle ebile lea hlokomela hore batho ba etsang boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,*+ ba sa hloekang kapa ba meharo (meharo ke borapeli ba litšoantšo)+ ba ke ke ba fumana ’Muso oa Kreste le oa Molimo.+

  • Bakolose 3:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Kahoo, bolaeang litakatso tsa lona tse sa lokang+ e leng boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,* ho se hloeke, takatso e sa laoleheng ea ho batla ho etsa thobalano,+ takatso ea ho batla ho utloisa batho ba bang bohloko le meharo e leng borapeli ba litšoantšo.

  • 1 Bathesalonika 4:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Molimo o batla hore le halalele+ le hore le se ke la etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano.*+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela