14 A re: ‘Molimo oa baholo-holo ba rona o u khethetse hore u tsebe thato ea hae, u bone ea lokileng+ le ho utloa lentsoe la hae 15 hobane u tla mo pakela ho batho bohle ka lintho tseo u li boneng le tseo u li utloileng.+
11 Bana beso, ke batla le tsebe hore litaba tse monate tseo ke le boleletseng tsona ha lia iqapeloa ke batho.+12 Le ’na ha kea li bolelloa ke batho ebile ha kea li rutoa empa ke li senoletsoe ke Jesu Kreste.