-
Baroma 16:17, 18Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
17 Bana beso, ke le eletsa hore le hlokomele ba bakang likarohano le ba khelosang ba bang tumelong ka ho ruta lithuto tse sa tsamaisaneng le tseo le ithutileng tsona. Le ba qobe.+ 18 Batho ba joalo ha se makhoba a Morena oa rona Kreste empa ke makhoba a litakatso tsa bona. Ba khelosa batho ka ho ba buela lipuo tse monate le ka ho ba rorisa empa ha e le hantle ba ba phoqa.
-
-
2 Petrose 2:1Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
2 Ho ile ha hlaha baprofeta ba bohata har’a batho ba Molimo. Ka tsela e tšoanang, ho tla boela ho hlahe batho ba rutang mashano har’a lona.+ Ba tla etsa hore ka lekunutu ho be le maquloana a tla senya tumelo ea lona ebile ba tla latola le mong’a bona ea ba rekileng.+ Ba tla felisoa kapele ka lebaka la ho etsa lintho tseo.
-