5 E se eka Molimo ea re thusang ho mamella le ea re tšelisang a ka etsa hore le nahane ka tsela eo Kreste a neng a nahana ka eona 6 e le hore le ka tlotlisa Molimo, Ntate oa Morena oa rona Jesu Kreste le momahane.+
10 Bana beso, kea le eletsa ka lebitso la Morena oa rona Jesu Kreste hore kaofela ha lona le lumellane ka lintho tseo le li buang. Ho se ke ha e-ba le likarohano har’a lona+ empa le nahane le ho sheba lintho ka tsela e tšoanang.+