-
Baroma 12:6-8Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
6 Kaofela ha rona re na le limpho tse fapaneng ho ea ka mosa oo Molimo a re bontšitseng oona.+ Kahoo, haeba re e-na le mpho ea ho profeta, a re profeteng ho ea ka tumelo eo re nang le eona. 7 Haeba re fuoe mosebetsi, re o etse ka boitelo bohle kapa haeba mpho ea rona e le ho ruta, re rute ka boitelo bohle.+ 8 Haeba mpho ea hao e le ho khothatsa* ba bang,+ ba khothatse.* Haeba mpho ea hao e le ho fana,+ u fane. Ea etellang* pele a etse joalo ka mafolofolo.+ Ea hauhelang a etse joalo ka pelo eohle.+
-