Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 22:5, 6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 A romela baromuoa hore ba bitse Balame mora oa Beore sebakeng sa Pethore,+ se pel’a Noka* e naheng ea habo a re: “Ho na le sechaba se tsoileng Egepeta. Se koahetse lefatše*+ ’me se lutse ka pel’a ka. 6 Joale ka kopo, tloo u bitsetse sechaba sena bomalimabe bakeng sa ka+ kaha se matla ho mpheta. Mohlomong nka se hlola ’me ke se leleke naheng hobane ke tseba hantle hore eo u mo hlohonolofatsang o hlohonolofetse ’me eo u mo bitsetsang bomalimabe o oeloa ke bomalimabe.”

  • Juda 11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Ba malimabe kaha ba latetse tsela ea Kaine,+ ba mathetse tseleng e fosahetseng ea Balame+ bakeng sa moputso ’me ba timelitsoe kaha ba buile mantsoe a borabele+ joaloka Kora.+

  • Tšenolo 2:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Leha ho le joalo, ho na le lintho tse sa nthabiseng ka uena. Ho uena moo, ho na le ba mamelang lithuto tsa Balame+ ea ileng a ruta Balake+ ho lihela Baiseraele e le hore ba je lintho tse hlabetsoeng litšoantšo le ho etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano.*+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela