-
Matheu 5:22Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
22 Empa ke re ho lona, e mong le e mong ea lulang a halefetse+ ngoan’abo o tla ikarabella lekhotleng la boahloli. Mang kapa mang ea buang mantsoe a etsang hore ngoan’abo a ikutloe a se na thuso, o tla ikarabella Lekhotleng le Phahameng ka ho Fetisisa. Athe mang kapa mang ea reng ho e mong: ‘Sehole tooe!’ o tla lokeloa ke mollo oa Gehena.*+
-
-
Tšenolo 21:8Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
8 Ha e le makoala, batho ba se nang tumelo,+ ba litšila le ba etsang lintho tse nyonyehang, babolai,+ ba etsang boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,*+ ba sebelisanang le bademona, ba rapelang litšoantšo le bohle ba leshano,+ ba tla lahleloa letšeng la mollo le sebabole.+ Letša leo la mollo le bolela lefu la bobeli.”+
-